Discover millions of ebooks, audiobooks, and so much more with a free trial

Only $11.99/month after trial. Cancel anytime.

Fahleho Sa Ka
Fahleho Sa Ka
Fahleho Sa Ka
Ebook123 pages1 hour

Fahleho Sa Ka

Rating: 4 out of 5 stars

4/5

()

Read preview

About this ebook

Bukeng ena eo e leng ya dipalekgutshwe, Fahleho sa ka. Ke sengolwa sa bone dingolweng tsa mongodi. Re ka qoholla tsena. Diletseng tsa maoba. Letlotlo mmoho le e e nngwe eo mongodi o ngotse ka tse latelang, bodumedi, lerato, botjhaba, leu la HIV/AIDS moho le le dikelang. Na ebe ntwa eo e neng e lwanwa ke batjha ba mehleng eo e fedile? Hona re reng ka kgodumodumo ena; mokakallane wa setlabotjha?

LanguageSouthern sotho
PublisherVia Afrika
Release dateNov 15, 2017
ISBN9781415460832
Fahleho Sa Ka

Reviews for Fahleho Sa Ka

Rating: 4 out of 5 stars
4/5

1 rating0 reviews

What did you think?

Tap to rate

Review must be at least 10 words

    Book preview

    Fahleho Sa Ka - FS Monareng

    Motseng o mong o bitswang lejwaneng, ho ne hona le ngwanana e mong ya bitswang. Ditshewana ka lebitso. O ne a le mahlwana a maphatswana, moriri botsho e le ba pilo, meno eka a phopi ya lebese, marama a tlerefetse sa tamati, matswele eka setha sa mabele, ha theka e le lona la mamodukulo. O, o ne a le motle ngwaneo wa batho. Le lentswe eka la tswere mohlakeng. Ha o ne o moshebile o ne o kare o bona kgabariele sebele. Ha o moshebile, o ne o bona tsohle tse neng di hlokwa ke monna mosading. Ditshewana o ne a sa sebetse, e ne e le ngwana wa sekolo. O ne a kena ho tse ding tsa dikolo se neng se bitswa. Seroali ka lebitso. Seroali se ne se le sebakana le motse ona wa Lejwaneng. O ne a tsamaya sebaka se setelele pele a fihla sekolong. Thaka e sesane e ne e se e ile ya iteka lehlohonoloho Ditshewana, ya qetella e tehile kalala. Mang? Ditshewana o ne a ipolelletse hore o motle, a keke a etsa letho ka ngwana wa sekolo, e ka kgona a sebedise botle boo ba hae. A lebetse hore buka ya dibuka e re botle ke bosawana, kgahleho e ya thetsa. O ne a ipolelletse hore ke pabala, twala hara barwetsana. A boela a lebala hore ke ha a itjhekela lemena hanyane hanyane. Dikoloi di ne di letsa hutara mofella, molebe Swatsing. Ba bang ba banna ba ne ba emisa dikoloi tsa bona ba palamisa pabala e Ditshewana. Ruri o ne a le motle ngwana eo wa mosotho. A le motle ba ho jwetswa hore Ditshewana a motle. Ke a shwa ke a ikepela ngwana. Ke mokganni wa tekesi so a e palameng ha a iphafa ho Ditshewana. Aubuti, ke o kopa hore o . . . Ke Ditshewana eo. Nna ke Mapikika ka lebitso. Ke o kopa hore o se kenye aubuti, o mpitse feela Mapitika, baby. Ditshewana a bosesela hanyane ho utlwa tseo ho tswa ho Mapitika. Ruri Ditshewana o ne a le motle ba ho jwetsa hore Ditshewana a motle. Ha e le dinyane la tsheepe la nna la bala makgulo. Ya re ha Ditshewana a re phapha, yabe e fihla e ema hekeng ya sekolo. Ditshewana o reng jwale? Ke Mampitla a se a hatella tabeng ya lerato. Mang? Ditshewana o ne a se a bolelletswe hore e motle. Ke ha a dusela hore ba ka tswela pele leetong la bona. Ya ka Mampitla o bolella Ditshewana hore ba tla ho kopana ha sekolo se e tswa. Ba ile ba akana ha lelele lwalo ka baratani. Ba arohana ka le reng ba tla bopana ha sekolo se e tswa. Ba bang ba baithuti ba ile ba makalla ketso ena ya Ditshewana le monna eo wa tekesi. Ba bang ba qala ho bona ngwana ya dilemong tseo a sunana le mokganni wa tekesi, le hona mokgifa o mokaalo. E, ruri di a bela di a hlweba, madiba ho tjha a matala. Ke mona Ditshewana o se a qadile ka ho hata ka oto lesele. E, e bona mahe ha e bone leraba. Ebe ke Ditshewana feela ya etsang tseo? Tjhe, ke bona eka e se e batla e ba kobo anela, matsatsing ana a kajeno. Ruri kgaitsedi tsa rona di a phoqa. O tla bona motho wa teng a se kobo ahela, matsatsing ana a kajeno. Ruri kgaitsedi tsa rona di a phoqa. O tla bona motho wa teng a se a sosobane jwaloka perekisi ya mariha, ha o botsa molato, a themelekane. Ntle le hore a o bolelle fel ahore yena o disa tse kgolo. Kganthe motho a ka ipuela nnete hora nna ke matha le bannabaholo. Ke ha sekolo se tswa. Mapitika o se a ntse a eme hekeng ya sekolong. Ditshewana le yena ka eo a tla a hatela hodimo, lelengwana o hlani sitse le mmetsong. Ruri kgaitsedi tsa rona ha di tshabe ho beha tau setswetsi. Na ebe ho tlang pele matsatsing a kajeno ke tjhelete kapa lerato? Hona motho akaba a inehella ka bannabaholo bitsong la lehoko. Ruri re a hola, koma re tsamaya re e bina ka hlooho. O emisa jwalo koloing, Ditshewana a ikotla ka lemati. Ya rutla ya ikela koloi ka Ditshewana. Ditshewana o ne a bona hore koloi eo ha e lebe hae, empa o ne a kgotsofetse hona. E ile jwalo ya ba ya fihla ya re kgekgenene ha Mapitika. Mosadi wa Mapitika o ne a ile habo ho ya behwa setswetsi ka eo nako. Ke ha mang jwale moo aubuti Mapitika. Ke Ditshewana eo dipotsong tsa hae. Ke haka le wena ngwana". Ke Mapitika a shebile Ditshewana ka mahlong, hore o a kgotsofala kapa jwang.

    Mang? Mapitika o ne a mo phoqa feela. Ha e le Ditshewana yena, ke ha a thetha jwalo ka sehole. Ke re a hla a bobotheha eo ngwanana. Empa o ne a ntse a bona mese ka otoropong, empa o sa boela a botsa. Hana dinyane la motho le dieha ho phapha. Ruri bana ba bang ba ye bare ba bohlale, kanthe ha ho jwalo. O bona mese ka otoropong, o sa ntsane a botsa. Nna ekabe ke ile ka itshwabela. Ha ke tsebe hore batho ba bang kelello tsa bona di ba neha jwang. Motho wa teng ha a bone le ha a se a phoqwa. Ditshewana o ne a sa tshabe ho beha tau setswetsi. Ba sunana jwalo le Mapitika. Hore Ditshewana o ne a ikutlwa jwang, ha ho motho ya tsebang. Ke realo hobane sefahleho sa Mapitika se ne se tiile jwaloka setebele, ebile a le maqhutsu mahlong, ho bonahala hore ke kgale e ja mabele ho lena ba utlwang. Ba ile ba beha diabaro kwana, Mapitika a nto ho parola tshimo ka lehare. E, ya hla yaba bosiu motsheare. Ruri haba hobe, batho ba fufulelwa e le ka nnete. Eitse e le neng, ba tshoha ba kena koloing. Ya rutla ho isa Ditshewana habo. E thala e boela mosehlong. Ho Mapitika ho tsamaya ho thetsa Ditshewana hore koloi eo ke ya hae. A boela a mothetse hore o tlo ho monyala haufinyana. E, o ne a tlamehile ho bua dipuo puo. O ne a tswa ho utlwa hore leseaqheme lena le phehile nasutsa. Hakere jwale dipheo di ne di ntjhafetse, ha e le Ditshewana a silafaditswe. E ne e le kamora mafelo a malelele a beke. E boetse e le mantaha bekng. Ditshewana o ne a emetse Mapitika ho mo isa sekolong. Kanthe ha a tsebe hore koloi e kgannwang ke Mapitika e robehile. Ke ha ho hlaha tekesi e nngwe e kgannwang ke Botala. Ruri lebitso lebe ke eremo. Ho ka thwe motho ke Botala ho ka lokang. O ne a le motsho, ebile a haula. A fihla a emisa koloi pela Ditshewana. Ausi o ya kae? Ke Botala eo ho Ditshewana. O se o bona ka marenene feela hore ke motho. Ke ya sekolong aubuti. Ke Ditshewana a se a behile meno ekang a nyalasi mphlang e eketseng masihlwane. Kena ausi re tsamaye, o tloha o siwa ke nako. Ditshewana ke ha a ikotla ka lemati, e rutla. Ausi, o motle jwang. Ke Botala. Ke a leboha aubuti. Ebile nna ha e sale ke tswalwa ke mme le ntate ke qala ho bona ntho e tjena. Ke kopa ho o lata ha sekolo se etswa. Wa ha ho phoso ho etsa jwalo ‘baby’? Tjhee, ha ho phoso aubuti? Tshwara diranta tse leshome ke tsena". Ke Botala a neha Ditshewana tjhelete. Ruri ho thoba ha namane ke ho tlwaela. A nna a e thabela le yona, a lebala hore ha dijewe feela, di a busetswa. O fihlile jwalo sekolong, Ditshewana a theoha a kena ka phaposing ya borutelo. Matsatsing ao, o ne a e ja hona le hwane jwaloka motho ya holang ha kgwedi e fela. A bona hantle ha a bolaile a sa tsoma. O ne a bona hore taba ya Botala e lebisa kae, mpa a bonela lefifing. Botjha bo makoko, bo bonela dintho haufi. Hm . . . Ho tlaba jwang na moo. Ke eng eka dinonyana di tla dula batho di re ke difate. Ruri ho sa tsebe ke lefu la kgoho ke a dumela. Botala le Mapitika e ne e le mathe le Leleme. Ruri ekare meropa e tla lla matlere, tshiba ho lle tsona tse ka mahafing. Ha e le Ditshewana, o ne a ipona a le bohlale hofeta banana bohle. A lebetse hore belo le a fela thota e sale, ha e le nonyana e tshiba tse telele e iphahla ka tsona. Sekolo se tswile se sa hane. Ke ha Botala a se a eme hekeng ya sekolong. Ha e le Ditshewana o ne a se a sa ipatle moo a leng teng. A se a na le Botala ka la moya leihlo. Le Mapitika le yena o ne a se a sa ipatle, a mpa a swetsitswe ke koloi ena eo ba ntseng ba a lokisa. Ruri ebe e ne

    Enjoying the preview?
    Page 1 of 1